Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:8
11 Referencias Cruzadas  

A emisa setjhaba, e mong le e mong a tshwere lerumo ka letsoho, ho qala nqeng ya le letona ho ntlo, ho isa nqeng ya le letshehadi ho ntlo, mabapa le aletare le ntlo, ba teetse morena hare.


A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.


Ba hahang lerako, le bajari ba tse hahang, le babelesi ba tsona, ka tsoho le leng ba ne ba sebetsa mosebetsi, ka le leng ba ne ba tshwere dibetsa.


Haele nna le banabeso le bahlanka ba ka le balebedi ba ntatelang, re ne re sa hlobole diaparo tsa rona; e mong le e mong o ne a ntse a tshwere dibetsa tsa hae ho ya metsing.


hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale.


empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.


ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;


Mahlomela a hao ke tshimo ya difate tsa kharanata tse ditholwana tse monate, le dikiprese le dinareda.


Ha ho motho ho tsona ya tla kgathala, leha e le ho kgoptjwa; ha ho ya tla otsela le ho robala; maqhama a bona a ke ke a tlamoloha mathekeng a bona, kgole tsa dieta tsa bona di ke ke tsa lokoloha.


Ba matha jwaloka dinatla, ba hlwella lerako jwaloka banna ba ntwa; e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ha ba fapanyetsane ditsela.


Ba matha le motse, ba matha hodima lerako, ba hlwella matlung, ba kena ka difenstere jwaloka leshodu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos