Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:23 - BIBELE

23 Ha e le nna, bana beso, le bahlanka ba ka, le banna ba balebedi, ba neng ba ena le nna, ha ho le ya mong wa rona ya kileng a hlobola diaparo tsa hae. Motho ka mong o ne a tshwere dihlomo tsa hae, esita leha a ilo kga metsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Haele nna le banabeso le bahlanka ba ka le balebedi ba ntatelang, re ne re sa hlobole diaparo tsa rona; e mong le e mong o ne a ntse a tshwere dibetsa tsa hae ho ya metsing.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:23
8 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.”


Banna le basadi ba bona ba lla haholo, ba ipelaetsa ka bana babo bona, e leng Bajuda.


Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa.


Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.


Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse.


mme a nyolohela thabeng ya Salemone, yena le batho bohle bao a neng a ena le bona. Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae, a rema lekala la sefate, a le nka, a le jara lehetleng, a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Nketsiseng, le etse ka potlako seo le bonang ke se etsa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos