La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joele 2:28 - BIBELE

“Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.

Ver Capítulo



Joele 2:28
33 Referencias Cruzadas  

Hoja le ka mamela kgalemo ya ka, pelo ya ka nkabe ke le bulela yona, mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.


ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


“Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele.


“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.


Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.’ ”


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:


mme batho bohle ba tla bona ho pholosa ha Modimo.’ ”


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”


Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.


Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.


Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.