Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 19:21 - BIBELE

21 Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:21
6 Referencias Cruzadas  

Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!


“Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono.


Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.


Jwale Saule a ikisa Rama ka nama, a fihla sedibeng se seholo se Seku. A botsa, a re: “Bo-Samuele le Davida ba kae?” E mong a re: “Ba Naiote e Rama.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos