Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 44:3 - BIBELE

3 “Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 44:3
38 Referencias Cruzadas  

Bana ba hao o tla bona ba ngatafala, tloholo tsa hao di ata seka jwang naheng.


Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba.


Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.


Hoja le ka mamela kgalemo ya ka, pelo ya ka nkabe ke le bulela yona, mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.


Ke nna Morena, mohlokomedi wa sona, ke se nwesetsa ka dinako tsohle, ke se lebela motsheare le bosiu, hore ho se be le ya mong ya ka se senyang.


ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng.


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.


Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.”


Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea, kapa ba tswalla bana ba bona, ba ba tswalla ditsietsi, ke peo ya ba hlohonolofaditsweng, ba hlohonolofaditsweng ke Morena, bona mmoho le ditloholo tsa bona.


“Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.


Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.


Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.


Le tla tseba hore ke na le Baiseraele, le hore nna Morena ke Modimo wa lona, ebile ha ho modimo e mong; tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!”


“Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono.


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


“Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane.


Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,


“ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”


A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos