“ ‘Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona.
Joele 2:24 - BIBELE Diotlo tsa lona di tla tlala mabele, merifi e kgaphatsehe veine le ole. Sesotho 1909/1961 (SO) Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli; |
“ ‘Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona.
Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!”
“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.
Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.
“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ya kotulang a tla siuwa, ya kotulang a siuwe ke ya lemang; ya jalang le yena o tla siuwa, a siuwe ke ya tlhotlang morara. Veine e ntjha e tla kolla dithabeng, e phalle e kopotsa maralleng wohle.
Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.