Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao.
Joele 1:3 - BIBELE Lona le e phetele bana ba lona; bona ba e phetele ditloholo tsa lona; tsona di e phetele ditloholwana tsa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang. |
Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao.
Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,
“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.
Ke ya phelang, ya phelang feela, ya ka o rorisang jwaloka nna. Ntata bana o ba ruta tsa botshepehi ba hao.
O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.