Joele 1:20 - BIBELE Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata. Sesotho 1909/1961 (SO) Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata. |
Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.”
Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?
Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho.
Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.
Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.