Jeremia 8:5 - BIBELE Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha? |
Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.
Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”
Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!
Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo!
na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’ Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.”
Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate.
Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.
Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.
Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: ‘Mamelang modumo wa lenaka ha le lla!’ Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra o mamela!’
Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.
O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.
Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe.
“Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.
Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.
Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”
Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?
Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?