Jeremia 8:6 - BIBELE6 Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Nkile ka mamela, mme ke utlwile: ha ba bolele ho lokileng; ha ho e mong ya swabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse jwang? Bohle ba matha tseleng ya bona jwaloka pere e mathelang ntweng. Ver Capítulo |
Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.