Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela.
Jakobo 4:6 - BIBELE Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang. Baasraak Sotho NT Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang. |
Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela.
Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.
Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.
Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.
Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.
Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,
Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”
Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;
“Ke ile ka o furalla ka motsotswana feela, empa ka baka la kutlwelobohloko ke tla o kgutlisa.
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”
Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.
hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”
“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.