Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:12 - BIBELE

12 Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ya nang le ntho o tla ekeletswa, mme o tla ba le ho hongata haholo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ya nang le ntho o tla ekeletswa, mme o tla ba le ho hongata haholo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:12
17 Referencias Cruzadas  

“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.


hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.


“Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.


empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


A mmitsa, a re ho yena: ‘Ke utlwa dife ka wena? Neelana ka tsa bookamedi ba hao, hobane ha o ka ke wa hlola o eba mookamedi.’


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos