Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:14 - BIBELE

14 “Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ke a le bolella, monna enwa o theohetse tlung ya hae a lokile ho fetisa e mong; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke a le bolella, monna enwa o theohetse tlung ya hae a lokile ho fetisa e mong; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:14
39 Referencias Cruzadas  

hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.


Motho a ka lokafatswa jwang mahlong a Modimo? Ya tswetsweng ke mosadi a ka hlweka jwang?


Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.


Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.


O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


ho molemo ha kgosi e re ho wena: “Nyolohela kwano!” ho ena le ho tlontlollwa mahlong a kgosana, mahlong a kgosana eo o e bonang.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela.


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Bona, ya kgopo yena a ke ke a phela, athe ya lokileng o tla phela ka tumelo ya hae.”


Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.


“Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


a theola babusi diteroneng, a phahamisa ba eisehang,


Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.


Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka.


Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo, athe Modimo o a ba lokafatsa?


Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos