Jakobo 1:10 - BIBELE Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang. Sesotho 1909/1961 (SO) Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang. Baasraak Sotho NT Empa morui o tla ithorisa ka ho kokobetswa ha hae, hobane o tla feta jwaloka palesa ya jwang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa morui o tla ithorisa ka ho kokobetswa ha hae, hobane o tla feta jwaloka palesa ya jwang. |
Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.
Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha.
Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang.
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.
Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?
ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.
Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,
Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.
hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe,
Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.