Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 14:2 - BIBELE

2 o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O a mela, o kgaolwa jwaloka palesa, o feta jwaloka seriti, mme ha a hlole a eba teng.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 14:2
21 Referencias Cruzadas  

Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


O tla tshwana le morara, o hlohlorang tholwana di sa le tala, jwaloka mohlwaare o hlohlorang, o hlohlorang thunthung tsa wona.


Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho.


Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.


ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!


Ditshiu tsa ka di tshwana le meriti e theang, ke omella jwaloka jwang.


Ke otlilwe, pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng, ke se ke lebala le ho ja.


Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.


Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana.


“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang!


“Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.”


Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.


Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.


Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos