Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 4:14 - BIBELE

14 Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 athe ha le tsebe se tla etsahala hosasane. Hobane bophelo ba hao ke bofe? Ke mouwane, o bonahalang ka nakwana, o ntoo nyamela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 athe ha le tsebe se tla etsahala hosasane. Hobane bophelo ba hao ke bofe? Ke mouwane, o bonahalang ka nakwana, o ntoo nyamela.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 4:14
17 Referencias Cruzadas  

Empa Barasilai a re ho kgosi: “Ebe ke sa tla phela nako e kae, hoo nka yang le kgosi Jerusalema?


Ha ke le matshwenyehong o se ke wa mpatela fahleho sa hao; ako ntshekehele tsebe, ha ke ipiletsa ho wena, o ke o nkarabe kapele.


Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.


“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang!


A hopola hore ke ba nama le madi, ke moya o ikelang, moya o ke keng wa hlola o kgutla.


Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Leaho la ka le qhaqholotswe, le tlositswe ho nna, le qhaqholotswe jwaloka motebo wa modisana. Tshiu tsa ka di kgaotswe sa selohi se kgaola dikgwele, kgwele tse lohang lesela, tsa ba tsa kgaolwa jwalokaha tshwele e kgaolwa. Ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.


Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.


hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe,


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos