Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.
Isaia 26:3 - BIBELE O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile. |
Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.
Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.
Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao.
Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.
Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”
Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna, nna ke be setshabelo sa bona, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona. E, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.”
Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.
Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho.
Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena?
“Nna Morena, ke o bitsitse hobane ke lokile; ke tla o utlwa ka letsoho, ke o boloke, ka wena ke etse selekane le baditjhaba, ka wena ke tlisetse baditjhaba lesedi.
Le ipitsa baahi ba motse o halalelang, mme le tshepa Modimo wa Iseraele, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae:
Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.
Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.
Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.
Morena o bua tjena: “Ke tla e tlisetsa kgotso sa noka e tletseng, ke e tlisetse maruo a ditjhaba sa nokana e tletse tswete! E tla le anyesa, e le sike ka matsoho a yona, lona le bapalle mangweleng a yona.
Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena.’ ”
Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.
Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.
Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.
Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba.
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”
Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.