Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 27:5 - BIBELE

5 Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna, nna ke be setshabelo sa bona, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona. E, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha ho kahosele, haese hore batho ba itshwarelle ka nna, ba etse kgotso le nna, ba etse kgotso le nna.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 27:5
22 Referencias Cruzadas  

“Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,


Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.


Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena?


“Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.


Ho lehlohonolo motho ya etsang tsena, ho lehlohonolo motho ya di kgomarelang, ya bolokang Sabatha, ya sa se silafetseng, eo tsoho la hae le sa etseng tse mpe.


ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: ‘Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi!’ Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena.


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


“Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela!


Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.


a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.


E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.


Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos