Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
Hosea 9:2 - BIBELE Seotlo le setlhotlelo di ke ke tsa fepa setjhaba, veine e ntjha le yona e tla se haella. Sesotho 1909/1961 (SO) Seotlo le sehatelo sa ole di ke ke tsa ba kgorisa, veine e tla thetsa tebello ya bona. |
Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.
Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.
“Kahoo ke tla mo amoha koro ya ka e butswitse, ke mo amohe veine ya ka e ritelehile, ke mo amohe boya le motsitla wa ka, tseo a patang bofeela ba hae ka tsona.
Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona!
“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.
Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.