Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:16 - BIBELE

16 Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mehleng eo, ha ho tluwa setheng sa mangata a neng a ka tswa ditekanyo tsa koro tse mashome a mabedi, ho ne ho fumanwa tse leshome feela: kapa ha ho tluwa sehatelong sa veine ho kga ditekanyo tse mashome a mahlano, ho ne ho fumanwa tse mashome a mabedi feela,

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:16
9 Referencias Cruzadas  

Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.”


Rapeng tsa difate le masimong a Moabe, thabo le monyaka ha di sa fumanwa. Ke thibetse ho tswa ha veine, ho tswa ha yona ditlhotlelong, ha ho ya tlhotlang morara ka mehoo ya thabo. Le hoja mehoo yona e ntse utlwahala, mehoo eo hase mehoo ya thabo.


Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”


“ ‘Jwale ke a le kopa: Ho tloha kajeno nahanang se ileng sa etsahala mehleng ya pele, le eso ka le tsosa Tempele ya Morena. Ho ne ho le jwang?


Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.


Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos