Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:15 - BIBELE

15 “ ‘Jwale ke a le kopa: Ho tloha kajeno nahanang se ileng sa etsahala mehleng ya pele, le eso ka le tsosa Tempele ya Morena. Ho ne ho le jwang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:15
14 Referencias Cruzadas  

Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele.


Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena.


Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!


Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!


Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.


‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:


Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo.


Empa jwale masalla a setjhaba sena ha ke sa tla a etsa seo ke neng ke se etse ho setjhaba sena mehleng e fetileng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu.


Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos