Haggai 2:14 - BIBELE14 Yaba Hagai o re: “ ‘Ho jwalo le ho batho bana, le ho setjhaba sena se kapele ho nna,’ ho rialo Morena. ‘Mesebetsi yohle ya matsoho a sona e jwalo, le tseo se nyehelang ka tsona ka Tempeleng di silafetse.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)14 Yaba Haggai o ahlamisa molomo wa hae, a re: Ho jwalo le setjhaba sena, ho jwalo le moloko ona pela ka, ho bolela Jehova, ho jwalo le mosebetsi wohle wa matsoho a bona, le seo ba se tlisang mona: se ditshila. Ver Capítulo |
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.