Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.
Hosea 1:6 - BIBELE Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela. Sesotho 1909/1961 (SO) Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela. |
Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.
Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”
Bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hoba ke bana ba tswetsweng, ba tswetsweng ka bootswa.
Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
“Ruri Morena wa mabotho o tadimile mmuso ona o kgopo. Ke tla o timetsa hodima lefatshe lohle, empa ntlo ya Juda nke ke ka e timetsa kaofela,” ho rialo Morena.
Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.