Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 1:6
11 Referencias Cruzadas  

Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Yaba Gomere o kgwesa Lo-Ruhama, mme a boela a emola, a tswala moshanyana. Yaba Jehova o re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ammi (seo e seng setjhaba sa ka);


Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


Le bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hobane ke bana ba bofebe;


Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.


lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos