Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 1:7 - BIBELE

7 Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 1:7
26 Referencias Cruzadas  

“ ‘Sena e tla ba pontsho ho wena: Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa ona.


‘Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida.’ ”


Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha.


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Ha ke a tshepa seqha sa ka, le ho hlola ka sabole ya ka.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.


Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.


ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”


Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong.


Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos