Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”
Haggai 1:6 - BIBELE Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.” Sesotho 1909/1961 (SO) le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba. |
Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”
Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”
Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.”
o tla tsieleha a ntsa hafa ka nkatana, mafutsana a wele ka sekgahla, a wele hodima hae.
Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.”
Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.”
Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho.
Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.”
“Ba tla ja mahlabelo, empa ba ke ke ba kgora; ba tla ineella bootswa, empa ba ke ke ba ata, hobane ha ba sa tsotella Morena,
“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.
Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.
Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.
Ke ka baka leo lehodimo le sa le nesetsang pula, le lefatshe le sa le medisetsang dijo.
“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.
Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.
Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.
Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ”
Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo.
Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!