Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.
Genese 8:2 - BIBELE Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa. Sesotho 1909/1961 (SO) Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa. |
Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.
Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.
Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.”
Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo,
ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa;
O ile wa nkakgela kweetseng, wa nkakgela bodibeng ba lewatle; wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa, maqhubu a tsudubutlana hodima ka.
Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: ‘Eya,’ o a ya; le ho e mong: ‘Tloo,’ o a tla; le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.”