Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:1 - BIBELE

1 Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:1
35 Referencias Cruzadas  

Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari.


Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.


Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona. O se ke wa lebala mesebetsi ya ka e metle, eo ke e etseditseng Tempele ena ya Modimo wa ka, le ditshebeletso tsa yona!”


Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”


Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.”


Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”


Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.


“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.


Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae,


Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!”


Morena o ne a rena hodima morallo wa metsi, Morena ke kgosi e renang kamehla le mehla.


Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung,


Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.


O ile wa fokisa moya wa hao, lewatle la ba kwahela, ba teba jwaloka loto metsing a tshabehang.


Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


Jwalokaha moya wa leboya e le mmadipulana, leme le sebang le tsosa kgalefo.


Ke nna ya reng ho madiba: ‘Pshang! Dinoka tsa lona ke tla di pshesa!’


Sabole e supile mehlodi ya dinokana, metsi a tsona a tla psha kaofela, kahobane naha ena ke naha ya medingwana, medingwana e hlantshang batho ke ho e tshaba!


Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona.


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


O kgalemela lewatle, ebe o a le pshesa, dinoka tse phallang le tsona a di pshese. Bashane le Karamele di a omella, dithunthung tsa Lebanone tsona di pone.


Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela.


Ke tla ba tshedisa lewatle la ditlokotsi, maqhubu a bilohang ke a bobise, dikweetsa tsohle tsa Nile ke di pshese. Boikakaso ba Asiria bo tla kokobetswa, puso ya Egepeta le yona e fele.


“Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.


Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong.


Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.


Dibe tsa yona di entse mohlomelo o fihlang lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a yona.


Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos