Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
Genese 4:6 - BIBELE Morena a re ho Kaine: “O halefetseng? Ke ka baka lang ha sefahleho sa hao se tsunkane? Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Kaine: O bohale keng? mme sefahleho sa hao se sosobanetseng? |
Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.
“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’
Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?
Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”