Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:18 - BIBELE

18 “Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:18
23 Referencias Cruzadas  

Hoja pakeng tsa rona mmoelanyi o teng, a sebedisa matla a hae hodima rona;


Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme.


Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Morena o a ema, o bolela qoso ya hae, o a ema, o ahlola ditjhaba.


“Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo.


“Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Ya reng ha ke na molato o haufi le nna; ebe jwale ya ka nqosang ke mang? A re hle re thulane re tadimane! Moqosi wa ka yena ke mang? Ha a hle a tle a nqose!


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?


Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa.


Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.


Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.


Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo.


A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.


Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”


Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos