Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:5 - BIBELE

5 empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:5
18 Referencias Cruzadas  

Jakobo a tadima sefahleho sa Labane, mme a bona hore ha se sa le jwaloka maoba le maobane.


mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.


Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma.


hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?


Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione.


Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ya hae a korotlele Morena.


Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”


Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?’


Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.


Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos