Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.
Genese 32:2 - BIBELE mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi). |
Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.
Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.
Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
“O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: ‘Nke ke ka o bolaya.’
Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.
Ka tsatsi le leng le le leng banna ba nna ba tla ho Davida, ho tla mo thusa, ho fihlela lebotho la hae le eba leholo jwalokaha eka ke lebotho la Modimo.
Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae.
Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.
Kgutla! Kgutla! Mosetsana wa Moshulame! Kgutla! Kgutla! Re tsebe ho o tadima! Le tadimelang mosetsana wa Moshulame, sa ha le tadima mabotho a teanya ditheko?
Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.
Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,
Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”