Filemone 1:20 - BIBELE E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste. Baasraak Sotho NT Ee, ngwaneso, a nke ke thabele wena Moreneng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ee, ngwaneso, a nke ke thabele wena Moreneng; |
hobane haeba ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, ntle ho lona bao ke ba swabisitseng?
Ka baka leo, re tshedisehile. Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.
Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.
Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.
Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.
Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?