Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:19 - BIBELE

19 Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Nna Pauluse, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: Ke nna ke tla o lefa;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Nna Pauluse, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: Ke nna ke tla o lefa;

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:19
14 Referencias Cruzadas  

Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.


Le nna Teretiose, ya ngotseng lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng.


Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.


Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona.


Mamelang! Ke nna Paulosi ya le bolellang sena: Ha le ka bolla, Kreste ha a sa tla ba le thuso ho lona.


Bonang boholo ba ditlhaku tseo ke le ngoletseng ka tsona, ka letsoho la ka!


ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.


Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.


Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos