Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:13 - BIBELE

13 Ka baka leo, re tshedisehile. Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke ka baka leo re tshedisitsweng matshedisong a lona, mme ra thabela thabo ya Tite ka ho fetisisa, kahobane moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke ka baka leo re tshedisitsweng matshedisong a lona, mme ra thabela thabo ya Tite ka ho fetisisa, kahobane moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:13
16 Referencias Cruzadas  

Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.


Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia.


Ke ka hona ke le ngoletseng lengolo leo. Ke ne ke sa rate hore ha ke etla ho lona ke tlo swabiswa ke bona batho ba tshwanetseng ho nthabisa, hobane ke tseba ka ho tlala hore thabo ya ka ke ya lona bohle.


Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete.


Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.


Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;


Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe.


Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.


E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste.


Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.


Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos