Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.
Eksoda 32:3 - BIBELE Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba setjhaba kaofela se rola masale a kgauta a ditsebeng tsa sona, ba a tlisa ho Aarone. |
Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.
Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.
Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.”
A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”
Ka baka leo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba hlola ba rwala mekgabiso ya bona, ho qala ha ba le thabeng ya Horebe.
Ba bang ba ntsha kgauta ka mekotleng ya bona, ebe ba bea silefera sekaleng, ba hira lelala la kgauta ho etsa setshwantsho, tshwantsho sa modimo wa bohata, ba se obamele, ba se kgumamele.
Silefera e bateletsweng e tswa Tarashishe, kgauta yona ke e tswang kwana Ufase, ke mosebetsi wa setei, o entsweng ke lelala; medingwana e apeswa tse putswa le tse perese: Tsohle di entswe ke ditsebi tsa mesebetsi.