Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:2 - BIBELE

2 Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Aarone o re: Rodisang basadi ba lona le bara ba lona le baradi ba lona masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le ntlisetse wona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:2
13 Referencias Cruzadas  

Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


“Ka nto mmotsa, ka re: ‘O moradi wa mang?’ “A araba, a re: ‘Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka.’ “Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone.


Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.


Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.


masale, dipetja le wona masira;


Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Wa nka le mabenyane a matle a kgauta le a silefera, ao ke neng ke o file wona, wa iketsetsa medingwana e metona ka wona, mme wa feba le yona.


O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos