Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:1 - BIBELE

1 Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:1
35 Referencias Cruzadas  

Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.”


Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.


Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: ‘Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe?


Ha ba le Horebe, ba ipopela namane, ba kgumamela setshwantsho se bopilweng ka kgauta.


Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.


Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”


Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.


Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?


Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.


Se ile sa re ho nna: ‘Re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.’


Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.


Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, empa nna ha ke na ho nyoloha le lona, hobane le setjhaba se manganga, esere ka tshoha ke le timetsa tseleng.”


“ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.


Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.


Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: ‘Monga ka o dieha ho tla,’


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


ba re ho Arone: ‘Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.’


Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.”


“Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.


ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.


“Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.


ba re: “E kae tshepiso ya hore o tla kgutla? Haesale bo-ntata rona ba ithoballa, dintho tsohle di ntse di tshwana le mohla di hlolwang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos