Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.
Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng.
Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.
Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.
Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?” Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa.
Yare ha Tamare a tliswa, a romela molaetsa ho matsala hae, a re: “Ke emarisitswe ke mong a dintho tsena.” A re: “Ke a o botsa hle, dintho tsee ke tsa mang: Setempe sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu?”
Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.
Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.”