Hirame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu, le dikotlolo, yaba o qeta mosebetsi wohle wa Tempele ya Morena, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.
Eksoda 27:3 - BIBELE O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla etsa dipitsana tsa yona tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa mashala; mesebetsi yohle ya yona o e etse ka koporo. |
Hirame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu, le dikotlolo, yaba o qeta mosebetsi wohle wa Tempele ya Morena, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.
le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.
le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.
Dipitsa, le dikgarafu, le ditimamabone, le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.
Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.
le boima ba kgauta e hlwekisitsweng e tla etsa difereko, le dikotlolwana, le dikomiki, le boima ba kgauta e tla etsa sekotlolo ka seng sa kgauta, le boima ba silefera e tla etsa sekotlolo ka seng sa silefera.
Hurame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu le dikotlolo. Jwale yaba Hurame o qetile mosebetsi wa Tempele ya Modimo, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.
le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.
Moshe a nka madi, a a tshela mafiswaneng, a kgamathisa, mme ka karolo ya madi e setseng a foka hodima aletare.
Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.”
O tla etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a etswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme o a manehe lethose.
O e etsetse le mokgabiso, o kang letlowa le entsweng ka lethose. Hodima mokgabiso ona o etse mefitshane e mene ya lethose, dintlheng tsa yona tse nne.
A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose.
O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira.
Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.