Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 38:3 - BIBELE

3 A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, ha etswa mesebetsi ya aletare, dipitsana tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa dibano; mesebetsi yohle ya yona ya etswa ka koporo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:3
6 Referencias Cruzadas  

le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.


A etsa le tanka e tjhitja ka tshepe e qhibidisitsweng. Boahlamo ba molomo wa yona e ne e ka ba dimethara tse nne le halofo, bophahamo e ka ba dimethara tse tharo. Bolelele ba ho potapota boahlamo ba yona bo ne bo etsa dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


A etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme a a maneha lethose.


A etsetsa aletare mokgabiso o kang letlowa le entsweng ka lethose; a bea mokgabiso oo katlase ho aletare, o tloha tlase o ilo fihla bohareng ba aletare.


kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos