Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 27:19 - BIBELE

19 Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Haele dintho tsohle tsa tabernakele, le tsa tshebeletso yohle ya yona, le dithakgisa tsohle tsa yona, le dithakgisa tsohle tsa lebala, e be tsa koporo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 27:19
14 Referencias Cruzadas  

“Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona.


“Bolelele ba seotlwana e be dimethara tse mashome a mane a metso e mene, bophara e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo e be dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi. Ho be le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng; le ditshehetso tsa wona e be tsa lethose.


“O tla laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya sefate sa mohlwaare, ya ho bonesa, e le hore lebone le tle le nne le tuke.


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


le dimapo tsa Tente, le dimapo tsa seotlwana, le mehala ya tsona;


Dimapo tsohle tsa Leaho, le tsa seotlwana, ho potoloha, di ne di entswe ka lethose.


le ditshehetso tse potapotileng seotlwana le ditshehetso tsa monyako wa seotlwana, le dimapo tsohle tsa Leaho, le dimapo tsohle tse potapotileng seotlwana.


Ba tlisa le masela a lepeletswang seotlwaneng, le ditshiya tsa wona, le ditshehetso tsa tsona; le lesira la monyako wa seotlwana, le mehala ya sona, le dimapo tsa sona, le tsohle tse sebediswang Leahong, Tenteng ya Morena.


Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.


Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha.


Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena.


le ditshiya tsa seotlwana se potapotang, le ditshehetso tsa tsona; le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona.


le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos