Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare.
Eksoda 27:2 - BIBELE O tla etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a etswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme o a manehe lethose. Sesotho 1909/1961 (SO) Dintlheng tse nne tsa aletare o tle o etse dinaka; naka tseo di tswe ho yona, mme o tle o e manehe ka koporo. |
Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare.
Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.
Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.
Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.
Solomone a etsa aletare ya lethose. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse ka bang robong, bophara ba yona le bona e ka ba dimethara tse robong, bophahamo e ka ba dimethara tse nne le halofo.
Morena ke Modimo; o a re bonesetsa. Tshwarang mahlaku, le koloke, le be le yo fihla manakaneng a aletare.
O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.
O tla nka madi a mang a pohwana, o qopetse monwana wa hao ho wona, ebe o tlotsa manaka a aletare ka wona. Madi a mang o a tshollele motheong wa aletare.
Ka yona ha etswa ditshehetso tsa monyako wa Tente ya Morena, le aletare ya lethose, le mokgabiso wa lethose o kang letlowa, le tsohle tsa aletare,
Bophahamo ba karolwana e kahodimo, eo mahlabelo a neng a tjhesetswa hodima yona, le bona e ne e le dimethara tse pedi. Manaka a dihukung tse nne tsa aletare a ne a phahametse dikarolo tsohle tsa yona.
“Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.
Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.
Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare.
Ka madi a setseng o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a pohwana a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.
Moshe a e hlaba, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading, a tlotsa manaka a aletare ka madi ao, a e hlwekisa. Madi a mang a a tshollela motheong wa aletare, a e halaletsa, a e hlwekisa.
Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.
Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.
E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.