Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 4:25 - BIBELE

25 Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:25
18 Referencias Cruzadas  

O tla nka madi a mang a pohwana, o qopetse monwana wa hao ho wona, ebe o tlotsa manaka a aletare ka wona. Madi a mang o a tshollele motheong wa aletare.


Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Ha le a ka la tsebiswa ho tloha tshimolohong? Ha le eso utlwisise haesale lefatshe le thewa?


“Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.


Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe.


Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.


Jwale moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi wohle a setseng a a qhalle motheong wa aletare.


Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo eo, a tlotse manaka a dihuku tsa aletare ya setjheso, mme madi wohle a setseng a a qhalle motheong wa aletare.


Ka madi a setseng o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a pohwana a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


O tla foka lebota la aletare ka madi a mang a nyehelo e tlosang sebe. Madi a setseng a tla dutlisetswa maotong a aletare. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.


Yaba Moshe o nka ole e tlotsang, o tlotsa Tente ya Morena, le tsohle tse neng di le ka ho yona, mme a di halaletsa.


Moshe a e hlaba, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading, a tlotsa manaka a aletare ka madi ao, a e hlwekisa. Madi a mang a a tshollela motheong wa aletare, a e halaletsa, a e hlwekisa.


Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare.


hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.


Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.


Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos