Eksoda 27:1 - BIBELE1 “O tla etsa aletare ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be dimethara tse pedi le halofo, bophara ba yona e be dimethara tse pedi le halofo. Aletare eo e be le mahlakore a mane, a lekanang, mme bophahamo ba yona e be methara le halofo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 O tla etsa aletare ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be tswe tse hlano, bophara ba yona e be tswe tse hlano. Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang, mme bophahamo ba yona e be tswe tse hlano. Ver Capítulo |
Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.
Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.