Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:31 - BIBELE

31 Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:31
15 Referencias Cruzadas  

Besalele a etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


A bea sekotlolo se itlhatswetsang pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme ka ho sona a tshela metsi a ho itlhatswa.


Kgosana ya ntlo ya Kohate e ne e le Elesafane, mora wa Usiele.


Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo.


lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos