Moshe a bitsa Mishaele le Elesafane, e leng bara ba Usiele, rangwana Arone, mme a re ho bona: “Atamelang, le tlose ditopo tsa bana bana babo lona mona, kapele ho Sehalalelo, le di ntshetse kantle ho diahelo.”
Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.
“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.