Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.
Eksoda 19:3 - BIBELE Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re: Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re: |
Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.
Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng.
Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”
Itokisetse hore hosasane, e sa le hoseng, o nyolohele thabeng ya Sinai, o itlhahise kapele ho nna kahodima tlhoro ya thaba.
Moshe a betla matlapa a mabedi a tshwanang le a pele, a tsoha ka madungwadungwana, a nyolohela thabeng ya Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse, a nkile matlapa a mabedi.
Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.