Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:4 - BIBELE

4 Moshe a betla matlapa a mabedi a tshwanang le a pele, a tsoha ka madungwadungwana, a nyolohela thabeng ya Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse, a nkile matlapa a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele; mme a tsoha e sa le hosasa, a hlwella thabeng ya Sinai, jwalokaha Jehova a ne a mo laetse, a ya a nkile matlapa a mabedi matsohong a hae.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:4
6 Referencias Cruzadas  

Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.


Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Matlapa ana a ne a entswe ke Modimo; le mongolo e ne e le mongolo wa Modimo; o ngotswe matlapeng.


Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng.


“Ka nako eo Morena a re ho nna: ‘Ipetlele matlapa a mabedi, a tshwanang le a pele, o nyolohele ho nna, thabeng, o etse areka ya lehong.


“Yaba ke etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane, ke betla matlapa a mabedi, a tshwanang le a pele, ke nyolohela thabeng, ke nkile matlapa ao a mabedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos