La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 17:3 - BIBELE

Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?

Ver Capítulo



Eksoda 17:3
9 Referencias Cruzadas  

“Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona.


Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.


ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana.


Letshwelehadi la meraberabe la ya le bona, le mehlape e mengata haholo ya dinku, le ya dikgomo.


Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?


Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?”


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona?